Esaya 43:6-10 BIBELE (SSO89SO)

6. Ho batho ba ka leboya ke tla re:<Neelanang ka bona!>Ho ba ka borwa ke re:<Le se ke la hana ka bona!>Kgutlisang bara ba kaba etswa hole,le baradi ba kaba dipheletsong tsa lefatshe,

7. e leng bohle ba ipitsangka lebitso la ka,bao ke ba bopileng hore ba ntlotlise,bao ke ba bopilengka ba ka ba etsa.”

8. Tlisang ba foufetsengempa ba ena le mahlo,bao e leng ditholoempa ba ena le ditsebe.

9. Matjhaba wohlea phutheha hammoho,ditjhaba le tsona di a kgobokana;ke mang hara tsonaya boletseng tsee,a ba re bolella tsa kgalekgale?A ba ke ba tlisedipaki tsa bona mona,di tle di pake hore ba nepile,e le hore di ba utlwe,di re: “Ke nnete!”

10. “Wena Iseraele, o paki ya ka,”ho rialo Morena,“o mohlanka wa kaeo ke mo kgethileng,o tle o tsebe, o dumele ho nna,mme o utlwisisehore ke nna Modimo.Ha ho modimoo bopilweng pele ho nna,kapa ha eba le o mongkamorao ho nna.

Esaya 43