Esaya 43:20-28 BIBELE (SSO89SO)

20. Phoofolo tse hlahadi a ntlhompha,diphokojwe le dimpshedi a nthorisa,hobane didibake di tjheka lehwatateng,dinoka di phallenaheng e omeletseng,ho nyorolla tjhaba sa ka,bakgethwa ba ka.

21. Setjhaba seo ke ipopetseng sona,se tla ntumisa ka dithoko.”

22. “Empa ha o a ipiletsa ho nna,wena Jakobo,ha o a ikgathatsa ka nna,wena Iseraele.

23. Ha o a ntlisetsakonyana tsa setjheso,leha e le ho ntlhomphaka mahlabelo a hao.Ha ke a ka ka o imetsaka ho batla nyehelo tsa dijo,kapa ka o kgathatsaka ho o kopa mokubetso.

24. Ha o a nthekelahlaka le monko o monate,kapa wa nthabisaka mafura a mahlabelo a hao.Empa o nkimeditse ka dibe tsa hao,wa ntena ka makgopo a hao.

25. Nna, nna ke inotshi,ke hlakola ditshito tsa hao,ke di hlakola ka baka la ka,ha ke sa hlola ke hopoladibe tsa hao.

26. “Ako nkgopotse tse fetileng,re phehisane kgang ka tsona;bolela kamoo o hlokangmolato kateng.

27. Ntataomoholo o ne a etse sebe,babuelli ba hao ba mphetohela,

28. kahoo ke tla tlontlollabaokamedi ba tempele ya hao,Jakobo yena ke mo abele timelo,Iseraele yena a nyedisehe.”

Esaya 43