Esaya 42:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. “Nna Morena, ke o bitsitsehobane ke lokile;ke tla o utlwa ka letsoho,ke o boloke,ka wenake etse selekane le baditjhaba,ka wenake tlisetse baditjhaba lesedi.

7. O tla tutubolla mahlo a difofu,o lokolle batshwaruwa,o ba lokolle ditjhankaneng,o lokolle ba dutsenglefifing la tjhankana.

8. “Ke nna Morena,lena ke lona lebitso la ka!Nke ke be ka nea e mongtlotla ya ka,kapa medimo ya bohatatlotliso ya ka.

9. Bonang, tsa pele di se di fetile,jwale ke le bolella tse ntjha;ke le phatlalletsa tsonadi eso etsahale.”

10. Binelang Morena sefela se setjha,mo tlotlisengho tloha pheletsong tsa lefatshe,lona ba sesisang dikepe lewatleng,le dibopuwa tsohletse phelang lewatleng,lona dihlekehleke,le bohle ba phelang ho tsona.

11. Lehwatata le metse ya lonale ke le howe,metsana ya Bakedare e nyakalle.Baahi ba Sela ba bine ka thabo,ba howeba le ditlhorong tsa dithaba.

12. Ba ke ba tlotlise Morena,ba phatlalatsethoriso ya hae dihlekehlekeng.

Esaya 42