Esaya 42:17-22 BIBELE (SSO89SO)

17. Empa ba tshepangmedimo ya bohata,ba reng ho yona:<Le medimo ya rona,>ba tla kgutliswaba hlabilwe ke dihlong.”

18. “Mamelang, lona bo-tsebetutu!Tadimang le bone, lona difofu!

19. Sefofu ke manghaese mohlanka wa ka,kapa ya tsebetutujwaloka moromuwa wa ka?Ke mang ya foufetsengjwaloka ya ikabetseng nna,ya foufetsengjwaloka mohlanka wa Morena?

20. O bone ntho tse ngata,empa ha o di ele hloko;tsebe tsa hao di lethwethwe,empa ha o utlwe letho.”

21. Ho kgahlile Morenaka baka la ho loka ha hae,hore Molao wa hae o be moholo,o tlotlehe.

22. Empa tjhaba sena se senyeditswe,sa utswetswa,batho bohle ba wetse ka mameneng,ba patilwe ditjhankaneng;batho bohle ba fetohile lelobelo,ha ho le ya mong ya ba pholosang,ba senyeditswe,ha ho ya reng: “Ba buseletseng!”

Esaya 42