16. Ke tla tsamaisa difofuka tsela eo di sa e tsebeng,ke di tataisetseleng eo di sa e tlwaelang;lefifi ke tla le fetola lesedikapele ho tsona,ke batalatse baka tse makukuno.Tsena ke ntho tseo ke tla di etsa,mme ha nka ke ka tlohela ho di etsa.
17. Empa ba tshepangmedimo ya bohata,ba reng ho yona:<Le medimo ya rona,>ba tla kgutliswaba hlabilwe ke dihlong.”
18. “Mamelang, lona bo-tsebetutu!Tadimang le bone, lona difofu!
19. Sefofu ke manghaese mohlanka wa ka,kapa ya tsebetutujwaloka moromuwa wa ka?Ke mang ya foufetsengjwaloka ya ikabetseng nna,ya foufetsengjwaloka mohlanka wa Morena?
20. O bone ntho tse ngata,empa ha o di ele hloko;tsebe tsa hao di lethwethwe,empa ha o utlwe letho.”
21. Ho kgahlile Morenaka baka la ho loka ha hae,hore Molao wa hae o be moholo,o tlotlehe.
22. Empa tjhaba sena se senyeditswe,sa utswetswa,batho bohle ba wetse ka mameneng,ba patilwe ditjhankaneng;batho bohle ba fetohile lelobelo,ha ho le ya mong ya ba pholosang,ba senyeditswe,ha ho ya reng: “Ba buseletseng!”