10. Binelang Morena sefela se setjha,mo tlotlisengho tloha pheletsong tsa lefatshe,lona ba sesisang dikepe lewatleng,le dibopuwa tsohletse phelang lewatleng,lona dihlekehleke,le bohle ba phelang ho tsona.
11. Lehwatata le metse ya lonale ke le howe,metsana ya Bakedare e nyakalle.Baahi ba Sela ba bine ka thabo,ba howeba le ditlhorong tsa dithaba.
12. Ba ke ba tlotlise Morena,ba phatlalatsethoriso ya hae dihlekehlekeng.
13. Morena o tla futuhajwaloka mohale ya matla,jwaloka mohlabanio tla tsosa tjheseho ya hae;o tla howa,a hlabe mokgosi wa ntwa,dira tsa hae le tsona a di ripitle.
14. “Ke kgale ke kgutsitse,ke thotse, ke itshwere,empa jwaloka mosadiya bohlokong ba pelehike tla howeletsa ke bipetsane,ke fehelwa.
15. Ke tla thua dithaba le maralla,ke omeletse dimela tsohle,dimela tsohle tse ho wona;dinoka ke tla di fetola,ke di fetole dihlekehleke,matsha le wona ke a pshese.