22. “Atamelang, le ke le bolele,le re bolelle tse tla etsahala.Re bolellenghore na tsa kgalekgale ke dife,e le hore re tle re di nahane,re be re tsebele pheletso ya tsona;kapa le re bolelletse tla etsahala.
23. Re tsebisengtseo e leng hona di tla tla,re tle re tsebehore efela le le medimo.Etsang tse ntlekapa le etse tse kgopo,re tle re bone,ebe re tlalwa ke tshabo.
24. Bonang, ho hang lona ha le letho,mesebetsi ya lonake mafeelafeelane;ya ikgethelang lona ke manyala!
25. “Ke tsositse e mong leboya,mme ke enwa o a tla,ya tswang botjhabelao tla ipiletsa ho nna.O hatakela babusijwaloka hoja e le seretse,jwaloka sebopi se kgoba letsopa.
26. Ya boletseng tsee tshimolohongke mang re tle re tsebe?Kapa a di bolela pele,re tle re re o ne a nepe?Ha ho ya kila di bolela,ha ho ya kila di senola,polelo tsa haeha ho ya kila di utlwa!
27. Ke nna wa peleya boleletseng Sione:<Bona, ako ba bone ke bao!>Ka roma leqosa Jerusalemaho isa molaetsa o molemo.