Esaya 40:5-18 BIBELE (SSO89SO)

5. Tlotla ya Morena e tla bonahatswa,batho bohleba tla e boha ba le mmoho,hoba Morena o boletse jwalo.”

6. Lentswe le ile la re: “Howa!”Yaba nna ke re:“Ke tla howa ke reng?”Ere:“Batho bohle ba jwaloka jwang,tlotla ya bonae ka ya palesa tsa naha.

7. Jwang bo a pona,palesa di foforehe,ha moya wa Morenao fokela ho tsona.Ruri batho ba jwaloka jwang.

8. Jwang bo a pona,palesa di foforehe,empa ntswe la Modimo wa ronale hlola kamehla.”

9. Wena Sione,ya tlisang molaetsa o molemo,nyolohela thabeng e phahameng.Wena Jerusalema,ya tlisang molaetsa o molemo,howeletsa haholo o se na tshabo.Bolella metse ya Juda, o re:“Bonang,Modimo wa lona ke enwa!”

10. Bonang, Morena Modimoo tla e le Ya Matla,o tla busa ka letsoho la hae.Bonang, o tla le moputso wa hae,phetetso ya hae e mo eteletse pele.

11. O katla mohlape wa haejwaloka modisa,dikonyana o di sikaka matsoho a hae,a di sikele sefubeng sa hae,ditswetse tsona a di kganne hantle.

12. Ya kila metha metsi a lewatleke mang,a a metha ka seatla sa hae?Ya kila seha moedi wa mahodimoke mang,a o seha ka seatla sa hae?Ya kila kga role la lefatsheka sethoto ke mang?Ya kila bea dithaba le maralla,a di bea sekaleng, ke mang?

13. Ya kila ruta Moya wa Morenake mang?Ya kila mo rutae le moeletsi wa hae ke mang?

14. Morena o kopile manghore a mo eletse?Ho ahlola ka tokaa ho rutwa ke mang?Tsebo yona a e rutwa ke mang?Tsela ya kutlwisisoa e bontshwa ke mang?

15. Ruri tjhaba di ka lerothodirothodi la metsi ka nkgong,di ka lerolenyanaha le le sekaleng;ho yena boima ba dihlekehlekebo ka lerolenyana.

16. Fate tsa Lebanoneha di lekane ho besa,ho besa mollo aletareng,phoofolo tsa tengha di lekane ho etsa setjheso.

17. Tjhaba tsohle ke lefeela ho yena,o di tadima e le mafeelaa se nang thuso.

18. Jwale Modimole ka mo lekanya le mang?Hona le ka re o tshwana le mang?

Esaya 40