Esaya 40:27-31 BIBELE (SSO89SO)

27. Wena Jakobo, o leng Iseraele,ke hobaneng ha o bua, o re:“Metsamao ya kaMorena ha a e tsebe,Modimo wa kaha a natse tokelo ya ka?”

28. Na ha le tsebe,kapa ha le eso utlwe?Morena ke Modimowa kamehla yohle,ke yena Mmopi wa lefatshe lohle.A ke ke a kgathala kapa a tepella,mehopolo ya haee ke ke be ya fihlelwa.

29. O matlafatsa ba tepeletseng,ba kgathetsengo ba tsosa molota.

30. Batjha ba a kgathala,mme ba tepelle,bahlankana ba kgothometsehe,ba be ba we;

31. empa ba tshepileng Morenaba tla tsoha molota,ba fofele hodimo jwaloka ntsu;ba tla matha,empa ba ke ke ba kgathala,ba tsamaye,ba se ke ba fellwa ke matla.

Esaya 40