23. Mahosana o a etsa mafeelafeelane,babusi ba fatshe lenaa ba fetole lefeela.
24. Ba jwaloka sethopose qetang ho hlongwa,seo metso ya sona e eso ka e tiya;ha moya wa Modimo o fokase ye se pone,setsokotsane se se fefolejwalokaha eka ke mmoko.
25. “Jwale le ka ntekanya le mang?La re thaka ka yena ke mang?”ho rialo Ya Halalelang.
26. Lelalang, le tadime mahodimo:Tseo le di bonangdi bopilwe ke mang?Ke ya balang naledi tsa lehodimoa di bale ka bomong,lebotho ka lenga le bitse ka lebitso la lona?Ka baka la matla a hae a maholo,le ka baka la bonatla ba hae,ha ho le le leng le lahlehang.
27. Wena Jakobo, o leng Iseraele,ke hobaneng ha o bua, o re:“Metsamao ya kaMorena ha a e tsebe,Modimo wa kaha a natse tokelo ya ka?”
28. Na ha le tsebe,kapa ha le eso utlwe?Morena ke Modimowa kamehla yohle,ke yena Mmopi wa lefatshe lohle.A ke ke a kgathala kapa a tepella,mehopolo ya haee ke ke be ya fihlelwa.
29. O matlafatsa ba tepeletseng,ba kgathetsengo ba tsosa molota.
30. Batjha ba a kgathala,mme ba tepelle,bahlankana ba kgothometsehe,ba be ba we;
31. empa ba tshepileng Morenaba tla tsoha molota,ba fofele hodimo jwaloka ntsu;ba tla matha,empa ba ke ke ba kgathala,ba tsamaye,ba se ke ba fellwa ke matla.