14. Morena o kopile manghore a mo eletse?Ho ahlola ka tokaa ho rutwa ke mang?Tsebo yona a e rutwa ke mang?Tsela ya kutlwisisoa e bontshwa ke mang?
15. Ruri tjhaba di ka lerothodirothodi la metsi ka nkgong,di ka lerolenyanaha le le sekaleng;ho yena boima ba dihlekehlekebo ka lerolenyana.
16. Fate tsa Lebanoneha di lekane ho besa,ho besa mollo aletareng,phoofolo tsa tengha di lekane ho etsa setjheso.
17. Tjhaba tsohle ke lefeela ho yena,o di tadima e le mafeelaa se nang thuso.
18. Jwale Modimole ka mo lekanya le mang?Hona le ka re o tshwana le mang?
19. Setsebi se etsa setshwantshosa modimo wa bohata,ebe lelala le se maneha kgauta,le se etsetse ketane tsa silefera.
20. Mofutsana ya sitwangho etsa nyehelo e jwalo,o kgetha sefatese ke keng sa ba sa bola;a batle setsebihadi sa mohlalefiho mo etsetsa setshwantshosa modimo wa bohata,se ke keng sa wa.
21. Na ha le tsebe,kapa ha le eso utlwe?Ha le a ka la tsebiswaho tloha tshimolohong?Ha le eso utlwisisehaesale lefatshe le thewa?
22. Modimo o dutse teronengkahodima lefatshe,baahi ba lonaba tshwana le mehlwanyane.Mahodimo o a sarolotsejwalokaha eka ke lesira,a a ala sa tenteeo ho phelwang ho yona.
23. Mahosana o a etsa mafeelafeelane,babusi ba fatshe lenaa ba fetole lefeela.
24. Ba jwaloka sethopose qetang ho hlongwa,seo metso ya sona e eso ka e tiya;ha moya wa Modimo o fokase ye se pone,setsokotsane se se fefolejwalokaha eka ke mmoko.