Esaya 39:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka yona nako eo, Merodake-Baladane, mora wa Baladane, kgosi ya Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Hesekiya, hobane o ne a ile a utlwela tsa ho kula ha hae le ho fola ha hae.

2. Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera le kgauta le dinoko le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.

3. Yaba moporofeta Esaya o fihla ho kgosi Hesekiya, o re ho yena: “Banna baa ba itseng? Ba itse ba tswa kae?”Hesekiya a araba, a re: “Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona.”

4. Moporofeta Esaya a re: “Ba bone eng ka tlung ya hao?”Hesekiya a araba, a re: “Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka. Ha ho letho ka matloleng a ka leo ke sa ba bontshang lona.”

5. Yaba Esaya o re ho Hesekiya: “Mamela lentswe la Morena ya matla wohle:

6. <Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala,> ho rialo Morena.

Esaya 39