Esaya 38:9-18 BIBELE (SSO89SO)

9. Yare hoba Hesekiya, kgosi ya Juda, a fole, a ngola sefela sena, a re:

10. “Ke ne ke itse:Ke tla falla ke sa le motjha,ke theohele kgorongya Nqalo ya Bafu,hobane ke amohilwelemo tsa bophelo ba ka,tse sa setseng.”

11. Ka ba ka re:“Ha ke sa tla bona Morenafatsheng la ba phelang,le motho ha ke sa tla mmonahara baahi ba lefatshe.

12. Leaho la ka le qhaqholotswe,le tlositswe ho nna,le qhaqholotswejwaloka motebo wa modisana.Tshiu tsa ka di kgaotswesa selohi se kgaola dikgwele,kgwele tse lohang lesela,tsa ba tsa kgaolwajwalokaha tshwele e kgaolwa.Ka dinako tsohleke ne ke re o tla ntimetsa.

13. Ka sesa bosiuke ntse ke lla ke bohloko,jwalokaha eka tau e nthoba masapo,ka dinako tsohleke ne ke re o tla ntimetsa.

14. Ka lla sa lefokotsanekapa sa moholodi,ka kuruetsa sa leebana-kgorwana.Mahlo a ka a kgathetseke ho lelalela hodimo,Morena, ke ditlallong,tloo, o tlo nthusa.”

15. Empa jwale ke tla reng?O buile ho nna,sena se entswe ke yena,ke tla ikokobetsa ka lemo tsohleha ke ntse ke phela,le hoja pelo ya ka yona e le bohloko.

16. “Morena, batho ba phelahara tse jwalo,moya wa ka le wonao matlafatswa ke tsona;aku mpuseletse bophelo,ke tle ke phele.

17. Bohloko ba pelo ya kabo fetohile pholoho,rato la haole mphemisitse lemena la timelo,o furaletse dibe tsohle tsa ka.

18. Nqalo ya Bafu e ke ke ya o rorisa,lefu le ke ke la o binela pina,ba theohelang lebitlengha ba ka ke ba o tshepa.

Esaya 38