1. Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: <Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela.> ”
2. Jwale Hesekiya a retelehela leboteng, a rapela Morena, a re:
3. “Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko.
4. Lentswe la Morena la fihla ho Esaya, la re:
5. “Eya, o bolelle Hesekiya, o re: <Morena Modimo wa ntataomoholo Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.
6. Wena le ba motse ona, ke tla le namolela matsohong a kgosi ya Asiria. Motse ona ke tla o sireletsa.
7. “ <Pontsho ya hore Morena o tla phethisa seo a se buileng ke ena:
8. Moriti wa letsatsi o hodima letlapa le supang nako, le entsweng ke Akase, ke tla o tjhetjhisetsa morao ka mehato e leshome.> ” Yaba moriti o tjhetjhella morao ka mehato e leshome eo o neng o se o e tsamaile.
9. Yare hoba Hesekiya, kgosi ya Juda, a fole, a ngola sefela sena, a re:
10. “Ke ne ke itse:Ke tla falla ke sa le motjha,ke theohele kgorongya Nqalo ya Bafu,hobane ke amohilwelemo tsa bophelo ba ka,tse sa setseng.”
11. Ka ba ka re:“Ha ke sa tla bona Morenafatsheng la ba phelang,le motho ha ke sa tla mmonahara baahi ba lefatshe.