Esaya 37:4-12 BIBELE (SSO89SO)

4. Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang. Morena Modimo wa hao, o tla mo kgalemella dipolelo tseo a di utlwileng. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.> ”

5. Ha bahlanka ba kgosi Hesekiya ba fihla ho Esaya,

6. yena a re ho bona: “Bolellang monga lona, le re: <Morena o bua tjena: O se ke wa tshoswa ke mantswe ao o a utlwileng, ao balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria ba nnyefotseng ka wona.

7. Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.> ”

8. Ha molaodi wa ntwa a utlwela hore kgosi ya Asiria e tlohile Lakishe, yaba o a kgutla, mme a fumana kgosi e futuhetse Lebena.

9. Eitse ha kgosi ya Asiria e utlwa hore Tirehaka, kgosi ya Kushe, o a e futuhela, ya boela ya romela maqosa ho Hesekiya, ya re:

10. “Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: <O se ke wa thetswa ke modimo wa hao, oo o o tshepileng, ha o re Jerusalema e ke ke ya hapuwa ke kgosi ya Asiria.>

11. O utlwile seo dikgosi tsa Asiria di se entseng dinaheng tsohle, ka ho di timetsa ho hang; jwale wena o tla phonyoha jwang?

12. Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara?

Esaya 37