Esaya 37:29-38 BIBELE (SSO89SO)

29. Ke utlwile ho mpurumela ha haole lerata la hao,kahoo ke tla kenya kgwathathaka nkong ya hao,ke kenye le tomoka hanong la hao,ke be ke o kgutlisele mehlala ya hao.

30. “Sena e tla ba pontsho ho wena:“Monongwaha le tla ja matshwabodi,isao le je tse tswalwang ke dirite;ka sa boraro le tla jala le kotule,le hlome morara,le je tholwana tsa wona.

31. Masalla a ntlo ya Juda a tla tsoha,ho hlahe tlobo le letjha, a anafale,

32. Jerusalema ho tla ba le masalla,thabeng ya Sioneho be le ba phonyohileng,hona ho phethahatswa ke Morena,a ho phethahatse ka tjheseho.

33. “Ka baka lena, Morena ha a bua ka kgosi ya Asiria, o re:“ <Kgosi eo e ke ke ya kena,ya kena ho ona motse,e ke ke ya o fula ka metsu,kapa ya o futuhela e tshwere thebe,kapa ya o hahela marako a thibella.

34. E tla kgutla le mehlala ya yona,e ke ke ya kena ho ona motse,>ho rialo Morena.

35. <Motse ona ke tla o sireletsa,ke o pholose, ke o pholosetse nnale mohlanka wa ka Davida.> ”

36. Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.

37. Yaba Saneheribe, kgosi ya Asiria, o a kokotoloha, o kgutla le mehlala, o ya dula Ninife.

38. Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.

Esaya 37