29. Ke utlwile ho mpurumela ha haole lerata la hao,kahoo ke tla kenya kgwathathaka nkong ya hao,ke kenye le tomoka hanong la hao,ke be ke o kgutlisele mehlala ya hao.
30. “Sena e tla ba pontsho ho wena:“Monongwaha le tla ja matshwabodi,isao le je tse tswalwang ke dirite;ka sa boraro le tla jala le kotule,le hlome morara,le je tholwana tsa wona.
31. Masalla a ntlo ya Juda a tla tsoha,ho hlahe tlobo le letjha, a anafale,
32. Jerusalema ho tla ba le masalla,thabeng ya Sioneho be le ba phonyohileng,hona ho phethahatswa ke Morena,a ho phethahatse ka tjheseho.
33. “Ka baka lena, Morena ha a bua ka kgosi ya Asiria, o re:“ <Kgosi eo e ke ke ya kena,ya kena ho ona motse,e ke ke ya o fula ka metsu,kapa ya o futuhela e tshwere thebe,kapa ya o hahela marako a thibella.