Esaya 37:12-21 BIBELE (SSO89SO)

12. Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara?

13. E kae kgosi ya Hamate le kgosi ya Arepade le kgosi ya motse wa Sefarafaime le ya Hena le ya Ifa?”

14. Hesekiya a amohela lengolo leo a le neilweng ke maqosa ao, a le bala. Yaba o nyolohela ka Tempeleng ya Morena, o fihla a phutholla lengolo leo kapele ho Morena.

15. A rapela Morena, a re:

16. “Oho, Morena ya matla wohle, Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.

17. Morena, ako sekehe tsebe ya hao, o mamele; Morena, ako tadime, o bone, mme o utlwe mantswe wohle ao Saneheribe a a rometseng ho nyedisa Modimo ya phelang.

18. “Ke nnete, Morena, dikgosi tsa Asiria di timeditse ditjhaba tsohle le dinaha tsa tsona;

19. di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, ke kahoo e timeditsweng.

20. Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena Modimo a le mong feela.”

21. Yaba Esaya, mora wa Amose, o romela molaetsa ho Hesekiya, o re: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ke utlwile thapelo ya hao malebana le Saneheribe, kgosi ya Asiria.> Ka baka leo, Morena o buile mantswe ana malebana le Saneheribe:

Esaya 37