11. O utlwile seo dikgosi tsa Asiria di se entseng dinaheng tsohle, ka ho di timetsa ho hang; jwale wena o tla phonyoha jwang?
12. Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara?
13. E kae kgosi ya Hamate le kgosi ya Arepade le kgosi ya motse wa Sefarafaime le ya Hena le ya Ifa?”
14. Hesekiya a amohela lengolo leo a le neilweng ke maqosa ao, a le bala. Yaba o nyolohela ka Tempeleng ya Morena, o fihla a phutholla lengolo leo kapele ho Morena.
15. A rapela Morena, a re:
16. “Oho, Morena ya matla wohle, Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.
17. Morena, ako sekehe tsebe ya hao, o mamele; Morena, ako tadime, o bone, mme o utlwe mantswe wohle ao Saneheribe a a rometseng ho nyedisa Modimo ya phelang.
18. “Ke nnete, Morena, dikgosi tsa Asiria di timeditse ditjhaba tsohle le dinaha tsa tsona;
19. di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, ke kahoo e timeditsweng.
20. Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena Modimo a le mong feela.”
21. Yaba Esaya, mora wa Amose, o romela molaetsa ho Hesekiya, o re: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ke utlwile thapelo ya hao malebana le Saneheribe, kgosi ya Asiria.> Ka baka leo, Morena o buile mantswe ana malebana le Saneheribe:
22. “Moradi wa Sione, wa morwetsana,o o nyedisitse, a o ja tlepane;Moradi wa Jerusalemao o thukuthela hlooho.
23. O omantse mang, wa mo ja tlepane?Ke mang eoo ntseng o mo kgaruma?Ke mang eoo mo tlodisang mahlo hodimo?Ke Ya Halalelang wa Iseraele!
24. Ka maqosa a haoo omantse Morena, wa re:Ka tshwele la kariki tsa ka,kariki tsa ka tsa ntwa,ke hlwele meqasa,ka ya fihla qhoweng tsa Lebanone;ka rema metsukutsukuya kedare tsa teng,ka rema difatetse kgethehileng tsa moo;ka kenella hareharekgutlong tsa teng,ka kenella harehare mefidibithing.
25. Ka tjheka didiba,ka nwa metsi a baditjhaba,maoto a ka a pshesa melatswana,melatswana yohle ya Egepeta.
26. “Ha o eso utlwehore di entswe ke nna kgalekgale?Ka di bopa mehleng ya boholoholo?Jwale, ke nna ya entsenghore o be teng,o tlo timetsa metsee haheleditsweng,e be masupi.
27. Baahi ba tsona ba fellwa ke matla,ba tsieleha, ba tsherehana;ba ba jwaloka jwang ba naha,ba ba jwaloka semela se setalana,jwaloka hlethele sa jwanghodima ntlo,jwaloka koro e phutsange eso tswale.
28. “Feela ke tseba leaho la hao,ke tseba mesebetsi ya haole ho mpurumela ha hao.
29. Ke utlwile ho mpurumela ha haole lerata la hao,kahoo ke tla kenya kgwathathaka nkong ya hao,ke kenye le tomoka hanong la hao,ke be ke o kgutlisele mehlala ya hao.