Esaya 32:4-10 BIBELE (SSO89SO)

4. Ba kelello di tatangba tla tseba, ba utlwisise,maleme a mahwelea a rarolohe,a bue hantle.

5. Sethoto se ke ke sa hlolase bitswa kgosana,kapa senokwanesa hlompheha haholo;

6. hobane sethoto se bua bothoto,le ho nahana se nahana tse kgopo:Se etsa tse kgopo,se bua tsa bohata ka Modimo;ba lapileng ha se ke se ba fepa,ba nyorilweng se ba tima metsi.

7. Mekgwa ya senokwane e mebe,kamehla se rera merero e kgopo,ho timetsa mafutsanaka polelo tsa mashano,leha thapedi ya bahlokie nepahetse.

8. Empa ya kgabaneo rera merero e kgabane,bokgabeneng ba haea ke ke a sisinngwa.

9. Lona basadi ba iketlileng,tsohang le mamele lentswe la ka!Lona barwetsana ba itshepileng,mamelang seo ke se bolelang!

10. Etlare hoba selemo se fetafete,lona basadi ba iketlilengle tla thothomela;morara o kotulwang o tla ba siyo,le ditholwanadi ke ke tsa eba teng.

Esaya 32