21. Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.”
22. Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!”
23. Dijalo tsa lona, tseo le di jalang masimong, Morena o tla di nesetsa pula, a le fe dijo tse ngata tse tswang mobung, tjhai e be kgolo. Mohlang oo, mehlape ya lona e fula makgulong a mangata.
24. Dipholo le ditonki tse lemang di tla ja furu e monate, e ileng ya oloswa ka kgarafu le ka kgafole.
25. Hodima thaba ka nngwe e phahameng, le hodima leralla ka leng, ho tla ba le melatswana ya metsi a phallang, mohla batho ba bolawang ba etswa mofela, le ditora di helehang.