Esaya 30:19-31 BIBELE (SSO89SO)

19. Oho, lona setjhaba sa Sione, lona ba ahileng Jerusalema, le ke ke la hlola le sa lla. Ha le ka ipiletsa ho yena, o tla le hauhela; hanghang ha a utlwa sello sa lona o tla le araba.

20. Leha Morena a le fepa bohobe ba matshwenyeho, a le nwesa metsi a ditsietsi, baruti ba lona ba ke ke ba hlola ba pateha, empa le tla ba bona ka mahlo a lona.

21. Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.”

22. Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!”

23. Dijalo tsa lona, tseo le di jalang masimong, Morena o tla di nesetsa pula, a le fe dijo tse ngata tse tswang mobung, tjhai e be kgolo. Mohlang oo, mehlape ya lona e fula makgulong a mangata.

24. Dipholo le ditonki tse lemang di tla ja furu e monate, e ileng ya oloswa ka kgarafu le ka kgafole.

25. Hodima thaba ka nngwe e phahameng, le hodima leralla ka leng, ho tla ba le melatswana ya metsi a phallang, mohla batho ba bolawang ba etswa mofela, le ditora di helehang.

26. Ngwedi e tla lekana le lesedi la letsatsi, lesedi la letsatsi lona le lekane le lesedi la matsatsi a supileng. Tsena di tla etsahala ka letsatsi leo ka lona Morena a tlamellang maqeba a setjhaba sa hae, a fodisang le matetetso a sona.

27. Bonang, bitso la Morenale tswa hole,kgalefo ya hae e a tlokoma,kotlo e boima;molomo wa Morenao tletse kgalefo,leleme le haele ka mollo o timetsang.

28. Ho phefumoloha ha haeho ka nokana e eja ditlhokwa,metsi a nyolohaho ya fihla molaleng,ho hlokola ditjhabamafeela a tsonaho di kenya kgwathathae tla di kgelosa tsela.

29. Empa lona le tla bina difela,jwaloka mohla bosiuba mokete o halalelang,pelo tsa lona di nyakallesa ba letsang makodilo,ba a letsaba eya thabeng ya Morena,ba eya ho Lefika la Iseraele.

30. Morena o tla utlwahatsalentswe le tlotlehang la hae,a bonahatse tsoho la haeha le theoha,le theoha ka mabifi le ka kgalefo,ka malakabe a mollo o timetsang,ka leru le phatlohang,le ka difefo, le ka sefako.

31. Baasiria ba tla tshoswake ntswe la Morena,ha Morena a ba otlaka molamu wa hae.

Esaya 30