Esaya 30:17-33 BIBELE (SSO89SO)

17. Ba sekete ba lonaba tla phaladiswa ke a le mong,ba bahlano bonaba le phaladise bohle,ho fihlela le sala le ka sefate,se itsolokileng hodima thaba,le ka mokgele hodima leralla.”

18. Empa Morena o rata ho le hauhela,o labalabela ho tla le rekolohela,hobane Morenake Modimo wa toka,ho lehlohonolo bohleba mo lebeletseng.

19. Oho, lona setjhaba sa Sione, lona ba ahileng Jerusalema, le ke ke la hlola le sa lla. Ha le ka ipiletsa ho yena, o tla le hauhela; hanghang ha a utlwa sello sa lona o tla le araba.

20. Leha Morena a le fepa bohobe ba matshwenyeho, a le nwesa metsi a ditsietsi, baruti ba lona ba ke ke ba hlola ba pateha, empa le tla ba bona ka mahlo a lona.

21. Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.”

22. Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!”

23. Dijalo tsa lona, tseo le di jalang masimong, Morena o tla di nesetsa pula, a le fe dijo tse ngata tse tswang mobung, tjhai e be kgolo. Mohlang oo, mehlape ya lona e fula makgulong a mangata.

24. Dipholo le ditonki tse lemang di tla ja furu e monate, e ileng ya oloswa ka kgarafu le ka kgafole.

25. Hodima thaba ka nngwe e phahameng, le hodima leralla ka leng, ho tla ba le melatswana ya metsi a phallang, mohla batho ba bolawang ba etswa mofela, le ditora di helehang.

26. Ngwedi e tla lekana le lesedi la letsatsi, lesedi la letsatsi lona le lekane le lesedi la matsatsi a supileng. Tsena di tla etsahala ka letsatsi leo ka lona Morena a tlamellang maqeba a setjhaba sa hae, a fodisang le matetetso a sona.

27. Bonang, bitso la Morenale tswa hole,kgalefo ya hae e a tlokoma,kotlo e boima;molomo wa Morenao tletse kgalefo,leleme le haele ka mollo o timetsang.

28. Ho phefumoloha ha haeho ka nokana e eja ditlhokwa,metsi a nyolohaho ya fihla molaleng,ho hlokola ditjhabamafeela a tsonaho di kenya kgwathathae tla di kgelosa tsela.

29. Empa lona le tla bina difela,jwaloka mohla bosiuba mokete o halalelang,pelo tsa lona di nyakallesa ba letsang makodilo,ba a letsaba eya thabeng ya Morena,ba eya ho Lefika la Iseraele.

30. Morena o tla utlwahatsalentswe le tlotlehang la hae,a bonahatse tsoho la haeha le theoha,le theoha ka mabifi le ka kgalefo,ka malakabe a mollo o timetsang,ka leru le phatlohang,le ka difefo, le ka sefako.

31. Baasiria ba tla tshoswake ntswe la Morena,ha Morena a ba otlaka molamu wa hae.

32. Ha Morena a ba otlaka molamu wa hae,ho tla thoholetswaka meropa le diharepa,mme Morena ke yenaya tla ba kgakgathaka molamu wa hae.

33. Kgale setjhesetsose lokiseditswe kgosi,se batsi, se bile se tebile;jwang le dihotetso di entse pokella,ho phefumoloha ha Morenaho kang nokana ya sebabole,ho tla se hotetsase laime malakabe.

Esaya 30