1. Bonang Morena,Morena mabotho,o kgatheng la ho amohaJerusalema le Juda,tsohle tseo di iphedisang ka tsona,a di amohe dijo tsohlele metsi wohle.
2. O tla di amohamohale le mohlabani,moahlodi le moporofeta,senohe le moholo wa setjhaba;
3. le molaodi wa bahlabani le lehosana,moeletsi le setsebi sa mesebetsi,le ya hlalefetseng ho upella.
4. Baokamedi ba bonae tla ba bashanyana,tlokotsebe tsa banae be babusi ba bona.
5. Batho bohle ba tla hatellana,motho ka mong a hatelle e mong,ba ahisaneng le bona ba hatellane.Batjha ba tla tsohelabaholo ba bona matla,ba eisehang ba tsohelebatlotlehi matla.
6. Motho o tla tshwarae mong wa bana babo,a mo tshwarea le lapeng labo, a re:“O na le seaparo,eba mmusi wa rona,masupi ana a ke a buswe ke wena!”
7. Mohlang oo eo o tla meketsa, a re:“Ha nka ke ka ba pheko ya lona,lapeng ha kaha ke na dijo le seaparo,o ke ke wa nketsa mmusi,mmusi wa tjhaba sena!”
8. Jerusalema e kgothometsehile,Juda yona e se e putlame fatshe;Polelo le ketso tsa tsonadi fetohetse Morena,di kgopisa mahlo a tlotlehang a hae.