3. Ke nna Morena,mohlokomedi wa sona,ke se nwesetsa ka dinako tsohle,ke se lebela motsheare le bosiu,hore ho se be le ya mongya ka se senyang.
4. Ho halefa ha ke a halefa.Ha ho ne ho eme hlabahlabane,ho eme le meutlwa kapele ho nna,ke ne ke tla e futuhela ke e lwantshe,ke e hatakele kaofela ha yona,ke e tjhese.
5. Ho seng jwalo, a ba ke ba tle ho nna,nna ke be setshabelo sa bona,ba tle ho nna ke etse kgotso le bona.E, ba tle ho nnake etse kgotso le bona”.
6. Ka matsatsi a tlangJakobo o tla hloma,Iseraele a thunye, a etse dipalesa,fatshe lohle le tlale tholwana tsa hae.
7. Na Morena o ile a otla Iseraelejwalokaha a ile a otlaba ileng ba mo otla?Na o bolailwejwaloka ba ileng ba mmolaya?
8. O mo otlileka ho mo lelekela naheng esele,wa mo fefola ka moya o matla,jwaloka mohlamoya wa botjhabela o fokang.
9. Molato wa Jakoboo tla hlakolwa tjena,ena e be tselaya ho fedisa sebe sa hae:Ha a fedisadialetare tsohle tsa majwe,a di sila, a di etsa thuethuesa phofo ya mokwetla,medimo ya bohata,le tshwantsho tsa Ashera,di se di le siyo.
10. Motse o haheleditswengo fetohile dithako,ke motse o siilweng,o furaletsweng sa lehwatata,ke moo manamane a fulang teng,a be a bothe, a itjelle makala.
11. Makala a motse ooha a omme a ye a rojwe,basadi ba a rwalle,ba bese mollo ka wona.Tjhaba sena ke sa bathoba hlokang kutlwisiso,kahoo Mmopi wa sonaa ke ke a se utlwela bohloko,Mmopi wa sonaa ke ke be a se hauhela.