Esaya 26:12-19 BIBELE (SSO89SO)

12. Morena, o re theela kgotso,hoba mesebetsi yohle ya ronae phethilwe ke wena.

13. Oho, Morena Modimo wa rona,babusi ba bang ba kile ba re busa,empa ke bitso la hao feelaleo re le tlotlang.

14. Ba shwele,ba ke ke ba hlola ba phela,ba mabitleng,ba ke ke ba hlola ba tsoha;o ba otlile, wa ba wa ba timetsa,wa etsa horeba se hlole ba hopoleha.

15. Oho, Morena,o se atisitse setjhaba,o se atisitse, o a tlotleha ke hona;wa namisa meedi ya naha.

16. Morena, ba tlile ho wenaba tsielehile,ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.

17. Jwalokaha moimanaya kgatheng la ho belehaa ye a meneke,a lliswe ke mahlaba a hae,le rona re bile jwalomahlong a hao Morena.

18. Re ne re le baimana,re meneka ke mahlaba,empa ha re pepara beleha moya feela.Fatshe la ronaha re a le tlisetsa pholoho,ba tla aha ho lonale bona ha ba a tswalwa.

19. Bafu ba lonaba tla boela ba phele,ditopo tsa bonadi tla boela di tsoha.Lona ba phelang leroleng,tsohang le bine;kahobane phoka ya haoe tshwana le phoka ya hoseng,fatshe le tla boelale tsosa bafu ba lona.

Esaya 26