Esaya 24:5-15 BIBELE (SSO89SO)

5. Fatshe le silafaditsweke baahi ba lona,ba tlotse melao, ba robile ditaelo;ba sentse selekane sa kamehla yohle.

6. Kahoo thohako e aparetse lefatshe,baahi ba lonaba jere molato wa bona,ba tjheswa ke lebatama,ho sale ba mmalwana.

7. Veine e ntjha e fofile,fate tsa morara di ponne,ba thabilengba aparelwa ke maswabi.

8. Meropa ya thaboe kgaotsa ho tidinya,mehoo ya ba nyakaletsengle yona e a fela,pina tsa diharepale tsona di kgaoditse.

9. Veine e fedilele dipina ha di sa le yo,dino tse tahangke mohalakane ho ba di nwang.

10. Motse wa mafeela o fetohile lesupi,matlo wohle a tinketswe,hore ha se be ya ka kenang.

11. Diterateng tsohlebatho ba llela veine,menyaka yohle le yona e se fedile,lefatsheng lohlemedidietsane ha e sa utlwahala.

12. Hara motse ho setse masupi feela,menyako ya motsee robehile dikotwana.

13. Ho tla ba jwalo lefatsheng,hara ditjhaba,ho be jwaloka fate sa mohlwaareha se hlohlorwa,ho kgwahlapiswa morara o setsengha ho kotulwa.

14. Ba tla howeletsa ka mantswe a phefa,ba binele Morena ya tlotlehang,ba howe haholo,ba howe ho tloha bophirimela.

15. Lona ba ka botjhabelatlotlisang Morena,le lona ba dihlekehlekeng,le tlotlise bitso la Morena,Modimo wa Iseraele.

Esaya 24