15. Lona ba ka botjhabelatlotlisang Morena,le lona ba dihlekehlekeng,le tlotlise bitso la Morena,Modimo wa Iseraele.
16. Pina tse tswangpheletsong tsa lefatshere di utlwile:“Tlotla e ke e isweho Ya Lokileng!”Empa nna ke re: “Ke fedile!Ke fedile! A nna elwa!”Mahlabaphiyoa ntsa tswela pele ho eka,bohlabaphiyo ba wonabo ntse bo hatela pele!
17. Tshabo le mohohlo le lerabadi o emetse,di emetse wena ya ahileng lefatsheng.
18. Ya balehang mokgosio bakwang ke tshabo,yena o tla wela kahara mohohlo;ya ngwangwarelanghore a tswe ka mohohlong,raba le tjhehilwengyena le tla mo tshwasa.Pula ya ditlwebelelee tla tsholoha e etswa hodimo,metheo ya lefatshele yona e tla reketla.
19. Fatshe lohle le tla ripitlwa,le ripitlwe,fatshe lohle le tla phatloha,le phatlohe,fatshe le tla sisinngwamadulong a lona,le sisinngwe.
20. Fatshe le tla thekesela,le kapeye sa letahwa,le tsokotsehesa lephephe la molebedi;dibe tsa lona di tla le imela haholo,ebe le a wa,ha le hlole le tsoha hape.
21. Ka tsatsi leo, Morena o tla otla,a otle mabothoa hodimo lehodimong,kgosi tsa lefatshea di otlele lefatsheng.
22. Kgosi di tla kgobokanngwa tsohledi be mmoho,di kgobokanngwe sa batshwaruwaba le ka mohohlong,ebe di ya kwallwa ka tjhankaneng,kamora matsatsi a mangatadi nto newa kotlo.
23. Kgwedi e tla fifala,tsatsi le ipate sefahleho,ha Morena wa mabothoa busa Sione le Jerusalema,baholo a ba senolela tlotla ya hae.