1. Morena o tla falatsa lefatshe,a le timetse,sebopeho sa lona a se senye,baahi ba lona a ba hasanye.
2. Ho tla ba jwalo ho mopristale ho setjhaba,ho mohlanka le ho monga hae,ho lekgabunyanele ho mofumahadi wa lona;ho be jwalo ho morekile ho morekisi,ho moadimi le ho moadimuwa,ho morui le ho mofutsana.
3. Fatshe le tla falatswa kahohlehohle,tsohle tsa lona le di amohuwe,hobane Morena o buile jwalo.
4. Fatshe le bofifing, le bile le a pona,fatshe le a tepella, le bile le a pona,bahlomphehi ba lefatshele bona ba a tepella.
5. Fatshe le silafaditsweke baahi ba lona,ba tlotse melao, ba robile ditaelo;ba sentse selekane sa kamehla yohle.
6. Kahoo thohako e aparetse lefatshe,baahi ba lonaba jere molato wa bona,ba tjheswa ke lebatama,ho sale ba mmalwana.