Esaya 24:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena o tla falatsa lefatshe,a le timetse,sebopeho sa lona a se senye,baahi ba lona a ba hasanye.

2. Ho tla ba jwalo ho mopristale ho setjhaba,ho mohlanka le ho monga hae,ho lekgabunyanele ho mofumahadi wa lona;ho be jwalo ho morekile ho morekisi,ho moadimi le ho moadimuwa,ho morui le ho mofutsana.

3. Fatshe le tla falatswa kahohlehohle,tsohle tsa lona le di amohuwe,hobane Morena o buile jwalo.

4. Fatshe le bofifing, le bile le a pona,fatshe le a tepella, le bile le a pona,bahlomphehi ba lefatshele bona ba a tepella.

5. Fatshe le silafaditsweke baahi ba lona,ba tlotse melao, ba robile ditaelo;ba sentse selekane sa kamehla yohle.

6. Kahoo thohako e aparetse lefatshe,baahi ba lonaba jere molato wa bona,ba tjheswa ke lebatama,ho sale ba mmalwana.

7. Veine e ntjha e fofile,fate tsa morara di ponne,ba thabilengba aparelwa ke maswabi.

8. Meropa ya thaboe kgaotsa ho tidinya,mehoo ya ba nyakaletsengle yona e a fela,pina tsa diharepale tsona di kgaoditse.

9. Veine e fedilele dipina ha di sa le yo,dino tse tahangke mohalakane ho ba di nwang.

10. Motse wa mafeela o fetohile lesupi,matlo wohle a tinketswe,hore ha se be ya ka kenang.

Esaya 24