4. Ako itshwabele wena Sidone,wena o leng qhobosheane ya lewatle,hoba lewatle le buile, la re:“Ha ke eso be le mahlaba a pelehi,le ho tswala ha ke eso tswale,ha ke eso hodise bara,le baradi ha ke eso ba hodise.”
5. Ha Baegepeta ba hlabelwa mokgosiba tla tshoha ha ba utlwa tsa Tire.
6. Tshelelang mose ho Tarashishe;bokollang lona ba ahilengpela lebopo la lewatle.
7. Na oo ke wona motse wa lonawa menyaka,motse o theilwengmehleng ya kgalekgale,o ila romela baahiho ya aha naheng tse hole?
8. Ya ileng a rerela Tire tsee ke mang?Tire,motse wa ho hlomamisa dikgosi,oo bahwebi ba wonae leng mahosana,oo bo-radikgwebo ba wonaba tummeng fatsheng lohle?
9. Ke Morena wa mabothoya rerileng hona,ho fedisa boikgantshoba bohle ba tlotlwang,ho kokobetsa bohleba tummeng lefatsheng.
10. Wena moradi wa Tarashishehaola naheng ya heno,o haole ho yonajwaloka noka ya Nile,hobane ya o thibelang ha a sa le yo.
11. Morena o otlolotse tsoho la hae,a le otlolla hodima lewatle,a etsa hore mebuso e thothomele.Malebana le KananaMorena o entse taelo,hore qhobosheane tsa yonadi ripitlwe.