Esaya 23:17-18 BIBELE (SSO89SO)

17. Ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, Morena o tla hopola Tire. Jwaloka seotswa sena Tire e tla boela kgwebong ya yona, e sebedisane le mebuso yohle e teng lefatsheng.

18. Phaello eo e tla e fumana ka kgwebo ya yona e tla e abela Morena. E ke ke ya boloka phaello eo ho ithuisa ka yona, empa e tla newa ba kgumamelang Morena, mme bona ba tla kgora, ba apare tse majabajaba.

Esaya 23