Esaya 23:13-18 BIBELE (SSO89SO)

13. Tadima naha ya Bakalatiya,ya tjhaba seo e seng e se letho!Baasiria ba e fetotsehwatata la dibatana,ba haha tora tsa bona tsa dibohodi,ba heletsa qhobosheane tsa yona,ba e siya e fetohile masupi.

14. Bokollanglona dikepe tsa Tarashishe,hoba qhobosheane ya lonae ripitlilwe.

15. Ho tloha ka tsatsi leo, Tire e tla lebalwa ka dilemo tse mashome a supileng, e leng nako e lekanang le dilemo tsa ho phela ha kgosi. Ha dilemo tseo tse mashome a supileng di fetile, Tire e tla tshwana le seotswa se bolelwang pineng e reng:

16. “Nka harepa ya haoo potolohe le motse,wena seotswa towe,o seng o sa hopolwe;tsanyaola melodi,o bine dipina tse ngata,o tle o boele o hopolwe hape.”

17. Ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, Morena o tla hopola Tire. Jwaloka seotswa sena Tire e tla boela kgwebong ya yona, e sebedisane le mebuso yohle e teng lefatsheng.

18. Phaello eo e tla e fumana ka kgwebo ya yona e tla e abela Morena. E ke ke ya boloka phaello eo ho ithuisa ka yona, empa e tla newa ba kgumamelang Morena, mme bona ba tla kgora, ba apare tse majabajaba.

Esaya 23