Esaya 21:9-17 BIBELE (SSO89SO)

9. Bonang, ho tla bapalamiba dipere ka bobedi!Sebohodi sa boela sa bua, sa re:“Babilona e wele! Babilona e wele!Tshwantsho tsa medimo ya bohata,medimo e betlilweng,di bjaramane, di hasantswe fatshe!”

10. Oho, tjhaba sa kase ripitlilweng seotlong,jwaloka koro,ke le bolella seo ke se utlwileng,ke se utlwa ho Morena wa mabotho,Modimo wa Iseraele.

11. Bona ke boporofeta malebana le Duma:Ke howeletswa ke motho a le Seire, o re:“Sebohodi,ekaba bosiu bo tla sa neng?Sebohodi,ekaba bosiu bo tla sa neng?”

12. Sebohodi sa araba, sa re:“Tsatsi le tla tjhaba,ho boele ho phirime.Ha le rata ho botsa, botsang!Le boele le kgutlele tlo botsa hape!”

13. Bona ke boporofeta malebana le Arabia:Lona mekoloko ya batsamai,batsamai ba Badedane,robaletsang matswatlareng a Arabia.

14. Lona baahi ba naha ya Tema,tlisang metsi ho ba nyorilweng;tlisang dijo ho baphaphathehi.

15. Ba balehile sabolee ntshitswe selateng,ba baleha diqha le malakabe a ntwa.

16. Morena o buile tjena ho nna: “Etlare ho eso fete selemo, ho ya kamoo mohlanka a balang dilemo kateng, botlotlehi ba Kedare bo be bo fedile.

17. Masalla a bo-rametsu, e leng bahale ba Kedare, a tla ba mmalwana.” Morena Modimo wa Iseraele, o boletse jwalo.

Esaya 21