6. Morena o itse ho nna:“Tsamaya o yo bea sebohodi,se tle se behe seo se se bonang.
7. Ha se bona bapalamiba dipere ka bobedi,se bona bapalamiba ditonki le ba dikamele,se ke se be sedi, se be sedi haholo.”
8. Sebohodi sa hlaba mokgosi, sa re:“Monga ka, ke qeta letsatsike eme hodima tora,masiu a ntshella ke ntse ke lebetse.”
9. Bonang, ho tla bapalamiba dipere ka bobedi!Sebohodi sa boela sa bua, sa re:“Babilona e wele! Babilona e wele!Tshwantsho tsa medimo ya bohata,medimo e betlilweng,di bjaramane, di hasantswe fatshe!”
10. Oho, tjhaba sa kase ripitlilweng seotlong,jwaloka koro,ke le bolella seo ke se utlwileng,ke se utlwa ho Morena wa mabotho,Modimo wa Iseraele.
11. Bona ke boporofeta malebana le Duma:Ke howeletswa ke motho a le Seire, o re:“Sebohodi,ekaba bosiu bo tla sa neng?Sebohodi,ekaba bosiu bo tla sa neng?”
12. Sebohodi sa araba, sa re:“Tsatsi le tla tjhaba,ho boele ho phirime.Ha le rata ho botsa, botsang!Le boele le kgutlele tlo botsa hape!”
13. Bona ke boporofeta malebana le Arabia:Lona mekoloko ya batsamai,batsamai ba Badedane,robaletsang matswatlareng a Arabia.
14. Lona baahi ba naha ya Tema,tlisang metsi ho ba nyorilweng;tlisang dijo ho baphaphathehi.
15. Ba balehile sabolee ntshitswe selateng,ba baleha diqha le malakabe a ntwa.
16. Morena o buile tjena ho nna: “Etlare ho eso fete selemo, ho ya kamoo mohlanka a balang dilemo kateng, botlotlehi ba Kedare bo be bo fedile.