10. Oho, tjhaba sa kase ripitlilweng seotlong,jwaloka koro,ke le bolella seo ke se utlwileng,ke se utlwa ho Morena wa mabotho,Modimo wa Iseraele.
11. Bona ke boporofeta malebana le Duma:Ke howeletswa ke motho a le Seire, o re:“Sebohodi,ekaba bosiu bo tla sa neng?Sebohodi,ekaba bosiu bo tla sa neng?”
12. Sebohodi sa araba, sa re:“Tsatsi le tla tjhaba,ho boele ho phirime.Ha le rata ho botsa, botsang!Le boele le kgutlele tlo botsa hape!”
13. Bona ke boporofeta malebana le Arabia:Lona mekoloko ya batsamai,batsamai ba Badedane,robaletsang matswatlareng a Arabia.
14. Lona baahi ba naha ya Tema,tlisang metsi ho ba nyorilweng;tlisang dijo ho baphaphathehi.
15. Ba balehile sabolee ntshitswe selateng,ba baleha diqha le malakabe a ntwa.
16. Morena o buile tjena ho nna: “Etlare ho eso fete selemo, ho ya kamoo mohlanka a balang dilemo kateng, botlotlehi ba Kedare bo be bo fedile.
17. Masalla a bo-rametsu, e leng bahale ba Kedare, a tla ba mmalwana.” Morena Modimo wa Iseraele, o boletse jwalo.