Esaya 2:12-20 BIBELE (SSO89SO)

12. Tsatsi le tengle beilweng ke Morena wa mabotho,le beetswengbaikgantshi le baikgohomosi,le bohle ba ikakasang,hore a tla ba kokobetse;

13. le beetswe le kedare tsa Lebanone,dikedare tse telele, tse phahameng,le dieike tsohle tsa Bashane;

14. le dithaba tsohle tse tlhoro di telele,le maralla wohle a phahameng;

15. le tora e nngwe le e nngwee phahameng,le marako wohle a haheleditsweng;

16. le dikepe tsohle tsa Tarashishe,le mesebetsi yohlee kgahlang mahlo.

17. Boikgantsho ba mothobo tla kokobetswa,boikgohomoso ba hae bo fediswe,mohlang oo ke Morena feelaya tla phahamela tsohle;

18. medimo ya bohatae tla fediswa yohle.

19. Batho ba tla balehela mahaheng,ba balehele katlasa mafika,ba kene mekotinge tjhekilweng fatshe,ka baka la ho tshaba Morenale kganya ya botletlehi ba hae,ha a phahama ho tshosa lefatshe.

20. Mohlang oo medingwana ya bohataya silefera, le ya kgauta,eo batho ba e etseditsengho e kgumamela,ba tla e akgelladikgwiti le bo-mmankgane.

Esaya 2