Esaya 19:9-16 BIBELE (SSO89SO)

9. Ba ohlang motsitlaba tla fellwa ke tshepo,balohi ba masela a lene ba tepelle;

10. bao e leng tshiya tsa nahaba tla ripitlwa,ba sebeletsang moputsoba nyahame dipelo.

11. Mahosana a Sowane ke dithoto,keletso tsa bahlalefi ba Faroke tsa bothoto;ba ka rialo jwang ho Faro, ba re:“Re bara ba ba bohlale,tloholo tsa kgosi tsa boholoholo?”

12. Jwale ba kae bahlalefi ba hao?A ba o tsebise, ba o phatlalletseseo Morena wa mabothoa se reretseng Egepeta.

13. Mahosana a Sowane a thotofetse,mahosana a Nofe a thetsehile,bao e leng tshiya tsa setjhababa kgelositse Egepeta.

14. Morena o ba kentse moya,moya wa pherekano,Egepeta e thekeselaho tsohle tseo e di etsang,jwalokaha letahwale thelliswa ke mahlatsa a lona.

15. Ya ka thusang Egepeta ha a yo,e ka ba hlooho kapa mohatla,kala la palema kapa lehlaka.

16. Mohla tsatsi leo, Baegepeta e tla ka basadi. Ba tla tlakasela ke ho tshaba letsoho leo Morena wa mabotho a ba phahamiseditseng lona.

Esaya 19