Esaya 19:22-25 BIBELE (SSO89SO)

22. Morena o tla otla Baegepeta; o tla ba otla, a be a ba fodise, mme ba sokolohele ho yena. Yena o tla utlwa thapelo tsa bona, a ba fodise.

23. Mohlang oo, ho tla ba le mmila o tswang Egepeta, o yang Asiria. Moasiria o tla ya Egepeta, Moegepeta a ye Asiria, mme Baegepeta ba rapele hammoho le Baasiria.

24. Mohlang oo, Iseraele e tla ba ya boraro kamora Egepeta le Asiria, mme lefatshe lohle le tla hlohonolofala ka baka la yona.

25. Morena wa mabotho o tla di hlonolofatsa, a re: “Setjhaba sa ka sa Egepeta se ke se hlohonolofale, le Asiria e leng mosebetsi wa matsoho a ka, le Iseraele eo e leng lefa la ka.”

Esaya 19