Esaya 19:20-23 BIBELE (SSO89SO)

20. Tsena e tla ba pontsho le bopaki ho Morena wa mabotho naheng ya Egepeta. Etlare ha ba ipiletsa ho Morena ka baka la bahatelli ba bona, a romele mopholosi ho ba sireletsa le ho ba lopolla.

21. Morena o tla etsa hore Baegepeta ba mo tsebe, mme mohla tsatsi leo, ba tla dumela hore ke yena Morena, ba mo kgumamele ka ho mo etsetsa mahlabelo, le ka ho mo nyehella ka nyehelo ya dijo. Ba tla mo etsetsa dikano, mme ba di phethe.

22. Morena o tla otla Baegepeta; o tla ba otla, a be a ba fodise, mme ba sokolohele ho yena. Yena o tla utlwa thapelo tsa bona, a ba fodise.

23. Mohlang oo, ho tla ba le mmila o tswang Egepeta, o yang Asiria. Moasiria o tla ya Egepeta, Moegepeta a ye Asiria, mme Baegepeta ba rapele hammoho le Baasiria.

Esaya 19