15. Ya ka thusang Egepeta ha a yo,e ka ba hlooho kapa mohatla,kala la palema kapa lehlaka.
16. Mohla tsatsi leo, Baegepeta e tla ka basadi. Ba tla tlakasela ke ho tshaba letsoho leo Morena wa mabotho a ba phahamiseditseng lona.
17. Ba naha ya Juda ba tla tshosa Egepeta. E mong le e mong ha a utlwa tsa naha ya Juda o tla tshoha ka baka la seo Morena wa mabotho a se reretseng Egepeta.
18. Mohla tsatsi leo, metseng e mehlano ya naha ya Egepeta, batho ba tla bua puo ya Bakanana, ba hlapanye ka lebitso ba Morena wa mabotho. O mong wa metse eo o tla bitswa Motse wa Timelo.
19. Mohla tsatsi leo, kahara naha ya Egepeta ho tla ba le aletare ya Morena, mme moeding wa yona ho be le sefika sa Morena.
20. Tsena e tla ba pontsho le bopaki ho Morena wa mabotho naheng ya Egepeta. Etlare ha ba ipiletsa ho Morena ka baka la bahatelli ba bona, a romele mopholosi ho ba sireletsa le ho ba lopolla.
21. Morena o tla etsa hore Baegepeta ba mo tsebe, mme mohla tsatsi leo, ba tla dumela hore ke yena Morena, ba mo kgumamele ka ho mo etsetsa mahlabelo, le ka ho mo nyehella ka nyehelo ya dijo. Ba tla mo etsetsa dikano, mme ba di phethe.
22. Morena o tla otla Baegepeta; o tla ba otla, a be a ba fodise, mme ba sokolohele ho yena. Yena o tla utlwa thapelo tsa bona, a ba fodise.