Esaya 17:7-14 BIBELE (SSO89SO)

7. Mohla tsatsi leo,motho o tla sheba Mmopi wa hae,mahlo a motho a shebeYa Halalelang wa Iseraele.

8. A ke ke a sheba dialetaretse entsweng ke matsoho a hae.A ke ke a shebatse etsediswengtshwantsho tsa Ashera,le aletare tsa mokubetsotse entsweng ke matsoho a hae.

9. Mohla tsatsi leo, metse ya hae ya diqhobosheane eo a e furaletseng ka baka la ho baleha bana ba Iseraele, e tla tshwana le dithako tse merung kapa tse tlhorong tsa dithaba. Naha yohle e tla sala e le nanaola.

10. O lebetse Modimo,Mopholosi wa hao,ha o a hopola Lefika,qhobosheane ya hao,kahoo leha o ka lemadifate tse ntlentle,wa lema le morarao tswang mafatsheng a mang;

11. leha o ka mela mohla o o hlomileng,ka la hosasane wa tsoha o fupuditse,kotulo yona e ke ke ya eba tengmohla tsatsi la mafua ke keng a phekolwa.

12. Utlwang modumowa matshwele a ditjhaba!A duma sa lewatle le tsudubutlana!Bonang kamootjhaba di kgorohang kateng!Di kgorohasa maqhubu a phuthumana!

13. Tjhaba di tla kgorohasa metsi a le mangata,empa ha Modimo a di kgalemadi a baleha,di fefolwa ke moyasa mmoko hodima dithaba,jwalokaha mahlokwaa fefolwa ke sefefo.

14. Mantsiboyadi bakela bohle matswalo,le eso tjhabetsona di se di nyametse!Ena ke yona kabeloya ba hapang tsa rona,ke yona kabeloya ba senyang tsa rona.

Esaya 17