6. Empa tholwana tse ding tsonadi tla sala,jwalokaha ho hlohlorwasefate sa mohlwaare,ho salang tse pedi kapa tse tharomakaleng a hodimo,ho sale tse nne kapa tse hlanomakaleng a behang,”ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele.
7. Mohla tsatsi leo,motho o tla sheba Mmopi wa hae,mahlo a motho a shebeYa Halalelang wa Iseraele.
8. A ke ke a sheba dialetaretse entsweng ke matsoho a hae.A ke ke a shebatse etsediswengtshwantsho tsa Ashera,le aletare tsa mokubetsotse entsweng ke matsoho a hae.
9. Mohla tsatsi leo, metse ya hae ya diqhobosheane eo a e furaletseng ka baka la ho baleha bana ba Iseraele, e tla tshwana le dithako tse merung kapa tse tlhorong tsa dithaba. Naha yohle e tla sala e le nanaola.
10. O lebetse Modimo,Mopholosi wa hao,ha o a hopola Lefika,qhobosheane ya hao,kahoo leha o ka lemadifate tse ntlentle,wa lema le morarao tswang mafatsheng a mang;
11. leha o ka mela mohla o o hlomileng,ka la hosasane wa tsoha o fupuditse,kotulo yona e ke ke ya eba tengmohla tsatsi la mafua ke keng a phekolwa.
12. Utlwang modumowa matshwele a ditjhaba!A duma sa lewatle le tsudubutlana!Bonang kamootjhaba di kgorohang kateng!Di kgorohasa maqhubu a phuthumana!