1. Bona ke boporofeta malebana le Damaseka:“Damaseka ha e sa tla hlolae eba motse,Damaseka e tla ba qubuya masupi feela.
2. Metse ya Arowere e tla hloka baahi,e tla fetoha metebo,mehlape e fule teng,ho se motho ya tla e tshwenya.
3. Motse o haheleditswengo tla ba siyo Efraime,le wona mmuso wa Damasekao tla fela,masalla a Arame a tla felasa tlotla ya Iseraele,”ho rialo Morena wa mabotho.
4. “Mohla tsatsi leo,tlotla ya Jakobo e tla fifala,monono wa hae le wona o fele.
5. Ho tla tshwana le ha mohedia hela koro,a kotula koro ka diatla tsa hae;ho tshwane le ha mothoa kgwahlapisa qwapi tsa koro,a di kgwahlapisaka kgohlong ya Refaime.
6. Empa tholwana tse ding tsonadi tla sala,jwalokaha ho hlohlorwasefate sa mohlwaare,ho salang tse pedi kapa tse tharomakaleng a hodimo,ho sale tse nne kapa tse hlanomakaleng a behang,”ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele.
7. Mohla tsatsi leo,motho o tla sheba Mmopi wa hae,mahlo a motho a shebeYa Halalelang wa Iseraele.
8. A ke ke a sheba dialetaretse entsweng ke matsoho a hae.A ke ke a shebatse etsediswengtshwantsho tsa Ashera,le aletare tsa mokubetsotse entsweng ke matsoho a hae.