1. Bona ke boporofeta malebana le Moabe:Ka bosiu bo le bongAre e Moabe e timeditswe!Ka bosiu bo le bongKire e Moabe e timeditswe!
2. Batho ba Diboneba nyolohetse tempeleng ya bona,ba nyolohetse ho ya lleladibakeng tsa bona tsa borapedi;baahi ba Moabeba llela Nebo le Medeba,ba ikutile lekorana,ba ipeotse le ditedu.
3. Ba tsamaya terateng tsa motse,ba apere tse mahwashe,bohle ba llaba le hodima marulelo,le mabaleng a motse,ba itabanya fatshe ba ntse ba lla.
4. Ba Heshebone le ba Elaleba a howeletsa,mantswe a bona a utlwahala hohleho ya fihla Jahase;kahoo le bahlabani ba Moabeba a howeletsa,bahlabani bohle ba a thothomela.
5. Pelo ya ka e llela ba Moabe,baphaphathehi ba bonaba balehetse Soware,ba balehaho ya fihla Egelate-Sheleshiya,ba nyoloha ka tsela e yang Lohite,ba nyolohela Lohiteba ntse ba lla,ba llela timelo ya bonaba le tseleng e yang Horanaime.
6. Metsi a Nimerime a pshele,jwang bo omeletse,dimela di fedile,ha ho letho le letalana.