Esaya 15:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Bona ke boporofeta malebana le Moabe:Ka bosiu bo le bongAre e Moabe e timeditswe!Ka bosiu bo le bongKire e Moabe e timeditswe!

2. Batho ba Diboneba nyolohetse tempeleng ya bona,ba nyolohetse ho ya lleladibakeng tsa bona tsa borapedi;baahi ba Moabeba llela Nebo le Medeba,ba ikutile lekorana,ba ipeotse le ditedu.

3. Ba tsamaya terateng tsa motse,ba apere tse mahwashe,bohle ba llaba le hodima marulelo,le mabaleng a motse,ba itabanya fatshe ba ntse ba lla.

4. Ba Heshebone le ba Elaleba a howeletsa,mantswe a bona a utlwahala hohleho ya fihla Jahase;kahoo le bahlabani ba Moabeba a howeletsa,bahlabani bohle ba a thothomela.

Esaya 15