Esaya 14:26-30 BIBELE (SSO89SO)

26. Morero onake o etseditsweng lefatshe lohle,lena ke letsohole phahamiseditswengditjhaba tsohle.”

27. Morena wa mabotho o sa rerile;ebe ke mang ya ka thibelang?Letsoho la hae le se le phahame;ke mang ya ka le kgutlisang?

28. Bona ke boporofeta bo ileng ba bolelwa ka selemo seo kgosi Akase a ileng a shwa ka sona:

29. Se nyakallenglona Bafiletsita bohle,la re molamu o neng o le otlao robehile,hoba lelokong la noha eoho tla tswalwa qowane,yona e tswale kganyapae fofang ka setsokotsane.

30. Ba futsanehile baholoba tla kgora,bahloki ba tla dula ba pholohile,ditloholo tsa hao tsonadi shwe ke tlala,masalla a hao le wona e a bolaye.

Esaya 14