Esaya 14:22-32 BIBELE (SSO89SO)

22. “Ke tla ema ke ba futuhele,”ho rialo Morena wa mabotho;“ke tla timetsa bitso la Babilonale masalla a yona,ke timetse bana ba yonale ditloholo tsa yona,”ho rialo Morena.

23. “Babilona e tla ba hae,habo dinoko,e fetohe naha ya mekgwabo;ke tla e fedisaka lefielo la timetso,”ho rialo Morena wa mabotho.

24. Morena wa mabotho o hlapantse,a re: “Jwalokaha ke hopotse,ho tla ba jwalo;jwalokaha ke rerile,ho tla phethahala.

25. Ke tla phetshela Baasirianaheng ya ka,dithabeng tsa ka ke ba hatakele;joko ya bona ke tla e tlosahodima tjhaba sa ka,mojaro wa bona ke o tlosemahetleng a sona,

26. Morero onake o etseditsweng lefatshe lohle,lena ke letsohole phahamiseditswengditjhaba tsohle.”

27. Morena wa mabotho o sa rerile;ebe ke mang ya ka thibelang?Letsoho la hae le se le phahame;ke mang ya ka le kgutlisang?

28. Bona ke boporofeta bo ileng ba bolelwa ka selemo seo kgosi Akase a ileng a shwa ka sona:

29. Se nyakallenglona Bafiletsita bohle,la re molamu o neng o le otlao robehile,hoba lelokong la noha eoho tla tswalwa qowane,yona e tswale kganyapae fofang ka setsokotsane.

30. Ba futsanehile baholoba tla kgora,bahloki ba tla dula ba pholohile,ditloholo tsa hao tsonadi shwe ke tlala,masalla a hao le wona e a bolaye.

31. Bokolla wena monyako!Meketsa wena motse!Lona bohle ba Filesitiyathothomelang!Mosi o kang leruo foqoha o etswa leboya,hara mabotho a haeha ho ya tla salla.

32. Ho tla thwengha ho arajwa maqosa a naha eo?“Morena o tsitsisitse Sione,bahlophehi ba tjhaba sa haeba tla tshabela teng.”

Esaya 14