Esaya 14:13-21 BIBELE (SSO89SO)

13. O ile wa bua ka pelo, wa re:“Ke tla nyolohela lehodimong,ke phahamise terone ya ka,ke e phahamisetse kahodimoho dinaledi tsa Modimo,ke bee terone ya ka thabengeo ho phuthehelwang ho yona,ke e bee tlhorong e phahamengya thaba e ka leboya.

14. Ke tla hlwella kahodimo ho maru,ke itekanyele Ya Phahametseng tsohle.”

15. Empa wenao dihetswe tlase lebitleng,o dihetswe tlasebotebong ba mohohlo.

16. “Ba o bonang ba tla o makalla,ba o tadimisise hantle, ba re:<Na eo ke yena monnaya ileng a sisinya lefatshe,ya neng a etsahore mebuso e thothomele;

17. yena monna ya ilenga fetola lefatshe nahathothe,yena ya ilenga timetsa metse ya lona,yena ya sa kanga dumella bathopuwa,ho kgutlela ha habo bona?>

18. Kgosi tsa ditjhaba tsohledi phomotse,di phomotse ka hlomphoka mabitleng a tsona;

19. empa wena o lahletswe kantleho lebitla la hao,wa lahlelwa kantlesa lekala le nyatseha,topo tsa babolauwadi entse setha hodima hao,bona ba ilengba bolawa ka sabole,bona ba ilengba theolelwa mohohlong o majwe,ba theolelwa jwaloka setopose hataketswe ka maoto.

20. O ke ke be wa epelwajwaloka kgosi, tsa tjhaba tse ding,hobane o sentse naha ya hao,wa bolaya tjhaba sa heno.Tloholo tsa ba kgopoha di sa tla hopolwa.

21. Lokisang sebakasa ho bolaela bara ba hae,ka baka la dibe tsa bo-ntata bona,esere ba tsoha,naha ena ba e ja lefa,ba haha metse ya tlala lefatshe.”

Esaya 14