7. Ka baka leo, matsoho wohlea tla tepella,batho bohle ba fellwe ke tshepo.
8. Ba tla kenelwa ke tshabo,mahlaba le bohloko di tla ba menya;ba tla menekasa mosadi a kena tlung,motho a shebane le wa haboka ho makala,fahleho tsa bona di fubele,di fubele sa malakabe.
9. Bonang, tsatsi la Morenake lena le a tla!Le tla ka sehloho le ka kgalefo,ka bohale bo tlokomang,le tla ho fetola lefatshee be nanaola;ka tsatsi leobaetsadibe o tla ba timetsa.
10. Naledi tsa lehodimole Makolobe a tsona,kganya ya tsonae ke ke ya bonahala,tsatsi le tla fifala ha le tjhaba,kganya ya kgwedi le yona e be siyo.
11. Lefatshe ke tla le otla,ke le otlele bokgopo ba lona,ba kgopo le bona ke ba otle,ke ba otlele dibe tsa bona,boikakaso ba ba itjangke bo fedise,boikgohomoso ba bompodike bo kokobetse.